DailyVerses.netDihlogotabaTemana ya go se kgethwe ka maikemišetšoIngwadiše

Boloka (Hlakola 2020)

2020 Hlakola 29, Moqebelo

Hlohonolo la Morena
le entsha motho,
ha ho maswabi ao le a tlisang.

2020 Hlakola 28, Labohlane

Le lesedi la lefatshe. Motse o hahilweng hodima thaba o sitwa ho pateha.

2020 Hlakola 27, Labone

Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.

2020 Hlakola 26, Laboraru

Ntlo le maruo ke lefa
le fumanwang ho bo-ntata,
mosadi ya bohlale
ke mpho ya Morena.

2020 Hlakola 25, Labobedi

Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.

2020 Hlakola 24, Mmantaha

Morena ke Moya, mme moo Moya wa Morena o leng teng tokoloho e teng.

2020 Hlakola 23, Sontaha

Ho lehlohonolo motho
ya sa lateleng dikeletso
tsa ba kgopo,
ya sa tsamayeng
tseleng ya baetsadibe,
ya sa duleng mokgatlong wa basomi.

2020 Hlakola 22, Moqebelo

Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.

2020 Hlakola 21, Labohlane

Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.

2020 Hlakola 20, Labone

Mesebetsi yohle
e na le moputso wa yona,
empa ho berabera
hona ho a futsanehisa.

2020 Hlakola 19, Laboraru

Mohau wa Morena Jesu o ke o be le lona bohle.

2020 Hlakola 18, Labobedi

Ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo nyatse le le inotshi. Haeba a o mamela, e tla ba o hapile pelo ya hae.

2020 Hlakola 17, Mmantaha

Ako mpaballe Modimo,
hobane ke tshabela ho wena.

2020 Hlakola 16, Sontaha

Le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, le tsamaye ditseleng tsa hae, le mo tshabe.

2020 Hlakola 15, Moqebelo

Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.

2020 Hlakola 14, Labohlane

Mpee fubeng sa hao
jwaloka setempe,
jwaloka lesekana
nthwale tsohong la hao,
hoba matla a lerato
a tshwana le a lefu,
sehloho sa lefufa
se tshwana le sa lebitla.
Lerato le tuka sa kganare
e tlola ditlhase,
jwaloka tetema e laima malakabe!

2020 Hlakola 13, Labone

Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.

2020 Hlakola 12, Laboraru

Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang.

2020 Hlakola 11, Labobedi

O se ka itja matla hore o ithuise;
eba le bohlale ba ho itshwara.

2020 Hlakola 10, Mmantaha

Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.

2020 Hlakola 9, Sontaha

Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?

2020 Hlakola 8, Moqebelo

Ke ipileditse ho yena
ka molomo wa ka,
ka mo phafa ka leleme la ka.

2020 Hlakola 7, Labohlane

Empa haeba batho ba le hlokofaletsa ho loka ha lona, le lehlohonolo. Le se ke la ba tshaba, mme le se ke la ferekana.

2020 Hlakola 6, Labone

Hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.

2020 Hlakola 5, Laboraru

Boikakaso ba motho bo a mo diha,
empa boikokobetso
bo mo tlisetsa hlompho.

2020 Hlakola 4, Labobedi

Empa Morena o rata ho le hauhela,
o labalabela ho tla le rekolohela,
hobane Morena
ke Modimo wa toka,
ho lehlohonolo bohle
ba mo lebeletseng.

2020 Hlakola 3, Mmantaha

Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.

2020 Hlakola 2, Sontaha

Efela lentswe la Morena le lokile,
mesebetsi yohle ya hae
ke ya nnete.

2020 Hlakola 1, Moqebelo

Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.

Temana ya Bibele ya lehono

Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.

Amogela Temana ya Bibele ya Letšatši ka Letšatši:

Tsebišo ya letšatši ka letšatšiEmeileFacebookAndroid-appWeposaeteng ya gago

Thekga DailyVerses.net

Nthuse ho phatlalatsa Lentsoe la Molimo:
Neela