2020 Hlakubele 31, Labobedi
Molaetsa ona o senola kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng; feela ho hlokahala tumelo ho tloha qalong ho isa qetellong, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.”2020 Hlakubele 30, Mmantaha
Tshepo e sa phethahalenge nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.
2020 Hlakubele 29, Sontaha
Bana ba ka, itlhokomeleng medimong ya bohata.2020 Hlakubele 28, Moqebelo
Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang.2020 Hlakubele 27, Labohlane
Ho lehlohonolo motho ya mosa,motho ya adimanang,
ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.
2020 Hlakubele 26, Labone
Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”2020 Hlakubele 25, Laboraru
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?2020 Hlakubele 24, Labobedi
Jwalokaha motho eoa tswetswe a le feela,
o tla ya lebitleng
a ntsa le feela.
Hara tsohle
tseo a di sebeditseng,
a ke ke a nka le e nngwe
ka letsoho la hae.
2020 Hlakubele 23, Mmantaha
Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka mmele wa ka hore o tjheswe, empa ke se na lerato, ha ho nthuse letho.2020 Hlakubele 22, Sontaha
Neang bohle tse ba lokelang: molekgetho, lekgetho; mokgafisi, kgafa; ya lokelwang ke tshabo, tshabo; ya lokelwang ke hlompho, hlompho.2020 Hlakubele 21, Moqebelo
Mphodise, Morena,mme ke tla fola,
mpholose, Morena,
mme ke tla pholoha,
hobane ke wena eo ke mo rorisang.
2020 Hlakubele 20, Labohlane
Se tshabeng, mohlatswana, hobane Ntata lona o kgahlilwe ke ho le nea Mmuso.2020 Hlakubele 19, Labone
Re tseba hore, mohla lephephe leo re phelang ho lona mona lefatseng le qhaqhollwang, lehodimong re na le lehae leo re le lokiseditsweng ke Modimo, ntlo e sa hahwang ke batho.2020 Hlakubele 18, Laboraru
Morena o beile leihlo la haeho ba mo tshabang,
bona ba tshepileng mohau wa hae.
2020 Hlakubele 17, Labobedi
Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.2020 Hlakubele 16, Mmantaha
Fa e mong le e mong ya o kopang, mme ya nkang tsa hao, o se ke wa re a di kgutlise.2020 Hlakubele 15, Sontaha
Ya ratang ditsheboo hlahatsa makunutu,
ya tshepahalang yena o na le sefuba.
2020 Hlakubele 14, Moqebelo
Ya pakang tsena o re: “E, ke tla tla kapele.”A ho be jwalo! Tloo, Morena Jesu.
2020 Hlakubele 13, Labohlane
Ya sitsang mojadi ka peo, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peo, a be a e ngatafatse, mme a le atisetse ditholwana tsa ho loka ha lona.2020 Hlakubele 12, Labone
Morena o kgahlwa ke setjhaba sa hae,o tlotlisa bahlophehi
ka ho ba pholosa.
2020 Hlakubele 11, Laboraru
Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.2020 Hlakubele 10, Labobedi
Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.2020 Hlakubele 9, Mmantaha
Ha ke ne ke patisitswe,ka ipiletsa ho Morena;
Morena a nkarabela, a ntokolla.
2020 Hlakubele 8, Sontaha
Ka baka leo, le se ke la itshwenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itshwenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanwa ke bothata ba lona.2020 Hlakubele 7, Moqebelo
Le ke le ekeletswe lereko, le kgotso, le lerato.2020 Hlakubele 6, Labohlane
Motho ya kgopoo amohela moputso wa bolotsana,
ya jalang ho loka
o kotula moputso wa nnete.
2020 Hlakubele 5, Labone
Lona, bana beso, le bitseditswe bolokolohi. Feela ka bolokolohi boo, le se ke la fa tsa botho sebaka, le mpe le sebeletsane ka lerato.2020 Hlakubele 4, Laboraru
Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.2020 Hlakubele 3, Labobedi
Ako kgahlwe ke mantswea tswang molomong wa ka,
le ke menahano e ka pelong ya ka,
wena Morena, lefika la ka,
le molopolli wa ka.
2020 Hlakubele 2, Mmantaha
“Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,bohle ba o qosang
o tla ba hlola ka nyewe.
Lena ke lona lefa
la bahlanka ba Morena,
ke ho loka hoo ke ba neang hona,”
ho rialo Morena.
2020 Hlakubele 1, Sontaha
Jwale le nna ke a o bolella, ke re: ‘O Petrose,’ mme hodima lefika lena ke tla haha kereke ya ka, mme monyako wa Nqalo ya Bafu o ke ke wa e hlola.Dihlogotaba tša go tswalana
Lerato
Lerato le na le...
Kholofelo
‘Ke tseba merero eo...
Tumelo
Ka baka leo, ke...
Lapa
Mantswe ana ao ke...
Go direla/hlankela
Oho, Morena, ke wena...
Thapelo
Thabang kamehla, se phetseng...