Haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona.
Eyang ke hona le ditjhaba tsohle, le di etse barutuwa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.
Mpee fubeng sa hao jwaloka setempe, jwaloka lesekana nthwale tsohong la hao, hoba matla a lerato a tshwana le a lefu, sehloho sa lefufa se tshwana le sa lebitla. Lerato le tuka sa kganare e tlola ditlhase, jwaloka tetema e laima malakabe!
Empa le tla amohela matla ha Moya o Halalelang o se o theohetse hodima lona. Le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho ya fihla dipheletsong tsa lefatshe.
Rona bohle, jwaloka seiponeng, re bonahatsa tlotla ya Morena ka difahleho tse kgurumolotsweng, mme yona tlotla eo, e tswang ho Morena e leng Moya, e re fetola hore re tshwane le yena; re ntse re atelwa ke tlotla hoyahoile.
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.
Tsohang molota, le be sebete; le se ke la di tshaba kapa la di tshoha, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona. A ke ke a le lahla kapa a le furalla.
Le lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha le Kreste a ratile kereke, mme a e teletse bophelo ba hae. O ratile ho e halaletsa, ka ho e hlwekisa ka tlhatsuo ya metsi, le ka lentswe.