Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.
Mohla tsatsi la thabo nyakalla le wena, mohla tsatsi la mahlonoko ako hopole sena: Matsatsi ana, bobedi, a entswe ke Modimo; kahoo tsa kamoso motho a ke ke a di tseba.
Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.”
Ana dirobele tse hlano ha di rekiswe disente tse pedi na? Athe Modimo ha a lebale le se seng sa tsona. Esita le diqoba tsa moriri wa hlooho tsa lona di badilwe kaofela. Le se ke la tshaba! Le ba bohlokwa ho feta dirobele tse ngata.
Ho fihlela boqhekung ba lona ha ke eso fetohe, ke tla nne ke le pepe ho fihlela le eba bo-raputswe. Ke nna ya le bopileng, mme ke tla nne ke le sike, ke tla nne ke le pepe, ke le namolele.
Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.
Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.